1. Jesu a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: “Motho o ile a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.
2. Yare ha nako e fihlile, a romela mohlanka ho balemi, hore a bokelle ho bona seabo sa hae sa kotulo.
3. Ba mo tshwara, ba mo kgakgatha, mme ba mo kgutlisa a se na letho.
4. A boela a romela mohlanka e mong ho bona; eo ba mmata hloohong, mme ba mo tlontlolla.
5. A romela e mong, yena ba mmolaya; le ba bang ba bangata, bao ba ileng ba kgakgatha ba bang ho bona, ba bolaya ba bang.
6. “O ne a saletswe ke motho a le mong feela, mora eo a mo ratang. A mo romela ho bona e le wa ho qetela, a re: <Ba tla hlompha mora wa ka.>