Mareka 10:40-45 BIBELE (SSO89SO)

40. Ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi, hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng.”

41. Ha ba leshome ba utlwa hona, ba qala ho halefela Jakobo le Johanne.

42. Jesu a ba bitsa, mme a re ho bona: β€œLe a tseba hore ba tadingwang e le babusi ba ditjhaba ba di busa ka thata, mme ba baholo ba bona ba di tshwara ka thata.

43. Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona. Ya batlang ho ba e moholo hara lona e tla ba mosebeletsi wa lona;

44. ya batlang ho ba wa pele hara lona e tla ba mohlanka wa bohle,

45. hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”

Mareka 10