27. Jesu a ba tadima, mme a re: “Hona ho sita batho, e seng Modimo, hobane Modimo ha a sitwe ke letho.”
28. Petrose a qala ho bua le yena, a re: “Bona, re tlohetse tsohle, ra o latela!”
29. Jesu a re: “Kannete ke a le bolella, ha ho motho ya tlohetseng ntlo ya hae, le bana babo, le dikgaitsedi, le mmae, le ntatae, le bana, kapa le masimo ka baka laka le la molaetsa o molemo,
30. eo mehleng ya jwale a ke keng a fuwa halekgolo matlo, le bana babo, le dikgaitsedi, le bommae, le bana, le masimo, hammoho le ditlhoriso, a nto amohela bophelo bo sa feleng mehleng e tlang.
31. Empa ba bangata bao e leng ba pele e tla ba ba ho qetela, ba ho qetela e be ba pele.”
32. Ba ne ba le tseleng, ba nyolohela Jerusalema. Jesu o na tsamaya kapele ho bona, mme ba ne ba hloletswe; athe ha e le ba latetseng ba ne ba tshohile. Yaba o boela a nkela ba leshome le metso e mmedi kathoko, a qala ho ba bolella tse tla etsahala ka yena,
33. a re: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme ba tla mo ahlolela lefu, ba neelane ka yena ho baditjhaba;