Malakiya 2:8-17 BIBELE (SSO89SO)

8. Empa lona le kgelohile tsela ena, la ba la kgelosa ba bangata ka thuto ya lona; selekane sa Balevi le se fetotse lefeela,” ho rialo Morena wa mabotho.

9. “Kahoo le nna ke entse hore le nyedisehe, setjhaba sohle se le telle, hobane ha le a ka la natsa ditsela tsa ka, empa le bontshitse leeme dinyeweng.”

10. Na rona bohle ntata rona ha a mong? Na ha re a boptjwa ke Modimo a le mong? Ke ba baka lang ha re silafatsa selekane sa baholoholo ba rona ka ho hlokelana botshepehi?

11. Juda o hlokile botshepehi, dintho tse manyala di entswe naheng ya Iseraele le Jerusalema: Ka ho nyala moradi wa modimo osele, Juda o silafaditse Sehalalelo seo Morena a se ratang.

12. Mang kapa mang ya etsang tsena Morena a ke a mo leleke setjhabeng sa Iseraele, leha a ka tlisa dinyehelo ho Morena wa mabotho.

13. Hapehape le etsa tjena: Le a lla, le a bokolla, le kolobisa aletare ya Morena wa mabotho ka dikgapha, hobane Morena a hana ho tadima dinyehelo tsena, leha e le ho amohela dimpho tseo le mo etsetsang tsona.

14. Jwale le a mpotsa, le re: “Ke ka baka lang?” Ke hobane Morena o tseba se etsahetseng pakeng tsa hao le mosadi wa hao wa matswathaka. O ile wa mo hlokela botshepehi, le hoja le ne le entse selekane sa hore e be mosadi wa hao.

15. Na hase Morena ya entseng hore monna le mosadi e be ntho e le nngwe? Ke ba hae ka nama le ka moya. Ke hobaneng ha a ba entse hore e be ntho e le nngwe? Ke hobane a ne a batla bana ba mo hlomphang. Kahoo o itlhokomele, o se sitelwe mosadi wa hao wa matswathaka.

16. “Ke hloile tlhalano,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele; “ke hloile ha monna a etsetsa mosadi wa hae sehloho se jwalo. Hlokomela hore o se fetohele kano ya hao ya ho tshepahala ho mosadi wa hao,” ho rialo Morena wa mabotho.

17. Le kgathaditse Morena ka dipuo tsa lona.Le a mpotsa, le re: “Re mo kgathaditse jwang?”Le mo kgathaditse ha le re: “Bohle ba etsang bokgopo ba lokile mahlong a Morena, mme Morena o a ba thabela;” kapa le re: “O hokae Modimo ya lokileng?”

Malakiya 2