Maele 7:8-22 BIBELE (SSO89SO)

8. a feta pela huku ya seterata,a tsamaya ka tsela e yang ha sehlola;

9. e le ka shwalane,tsatsi le se le diketse,fifi la bosiu le qala ho aparela.

10. Mosadi a betsehaho mo kgahlanyetsa,a apere jwaloka seotswa,ka maqheka a sona.

11. O manganga, ke mmadiberwane,ke pheka-ke-leoto, ha a dule hae;

12. ere a le seterateng,a be a se a le mabaleng,a qatjhama jwalohukung tsa diterata.

13. A mamarela mohlankana enwa,a mo aka,ka fahleho se hlokang tlhonga re ho yena:

14. “Kajeno ke entse nyehelo ya ka,kano tsa ka kajeno ke di phethile,ke na le dijo tsa nyehelo eo,ke na le tsona ha ka;

15. ke tlile tjena ho o kgahlanyetsa,kgale ke o batla, jwale ke o fumane!

16. Hodima moalo wa kake adile masela a lene,lene e mebalabala e tswang Egepeta.

17. Ke nonoditse moalo wa ka ka mmira,ka o nonotsa ka lekgala le sinamone.

18. Tloo, re kgotsofatse rato la ronaho fihlela bo esa,re ithabise ka ho mamarelana.

19. Hae mona monna wa ka ha a yo,o nkile leeto, o ile hole.

20. O nkile mokotlana o tletse tjhelete,o tla kgutlela hae kgwedi e tolokile.”

21. Ka puo tsa lehelehele lenamohlankana a ineela,ka molomo wa lona o ekang,mohlankana a hapeha.

22. Ka ho panya ha ntshimohlankana a le sala morao,a le latela sa pholo e iswa tlhabong,sa kgama e tlolela ka lemeneng;

Maele 7