Maele 30:12-20 BIBELE (SSO89SO)

12. Moloko o tengo ithetsang ka ho re o hlwekile,empa o sa hlwekiswaditshila tsa wona.

13. Moloko o teng o ikgohomosang,o shebang batho ka ho ba nyedisa.

14. Moloko o tengo meno a kang disabole,oo a mohlaare a kang dithipa,ho harola bafumanehi lefatsheng,le bahloki ba phelang hara setjhaba.

15. “Koidi e na le madinyanea le mabedi,a kopang a re: <Re fepe! Re fepe!>“Ntho di tharo tse sa kgotsofaleng,e, di nne tse sa ke be di re:<Ho lekane!>

16. Ke lebitla le mosadi wa nyopa,le mobu o omeletseng,le mollo o sa ke be o re:<Ho lekane!>

17. “Leihlo le tshehang ntata lona,le nyedisang taelo ya mma lona,makgwaba a dikgohlo a tla le honya,mme madinyane a ntsu a le je.

18. “Ntho di tharotse mmakatsang haholo,e, di nne tseo ke sa di tsebeng:

19. Mohlala wa ntsu sepakapakeng,mohlala wa noha hodima lefika,mohlala wa sekepe hara lewatle,mohlala wa monna ho morwetsana.

20. “Mokgwa wa mosadi wa sefebe,ke mokgwa o tjena:O a ja, ebe o a itlhakola, o re:<Nna ha ke a etsa letho le kgopo.>

Maele 30