Maele 26:16-25 BIBELE (SSO89SO)

16. Sekgoba se ithetsaka ho re se bohlale,ho feta banna ba supilengba nang le kelello.

17. Mofeta-ka-tselaya kenang qabang tsa bathoo ka motho ya sothangtsebe tsa ntja ya lelahleha.

18. Lehlanya le betsakang ditsenene,le metsu e bolayang,

19. le tshwana le mothoya thetsang mohahabo,ebe o re:“Ke ne ke itshwasetsa feela.”

20. Ha patsi e fedile, mollo o a tima,ha ho se mosebi, qabang di a fela.

21. Mashala a tswala leupa,patsi e hotetsa mollo,motho wa dikgangyena o fehla diqabang.

22. Taba tsa bofuufudi monate haholo,di ka dijotse theohelang hamonate maleng.

23. Motho ya leme le monatea le pelo e mpe,o jwaloka pitsa ya letsopae homilweng ka manya a silefera.

24. Moikaketsi o ikgakanyaka polelo tsa hae,empa pelong ya hae o emere thetso.

25. Leha a ka bua hamonateo se mo kgolwe,hobane bobebo kgaphatseha pelong ya hae.

Maele 26