Maele 21:9-17 BIBELE (SSO89SO)

9. Ho molemoho iphelela sekgutlwaneng,kahodima marulelo a ntlo,ho ena le ho phelale mmadikomang,ho phela le yenaka tlung e le nngwe.

10. Motho ya kgopo o labalabela bobe,ha a qenehele ya ahisaneng le yena.

11. Ha mosomi a otlwa,ya se nang tsebo o a hlalefa;ha ya bohlale a rutwa,yena o fumana tsebo.

12. Modimo ya lokilengo hlahloba lapa la ya kgopo,o timetsa ya kgopoka baka la bokgopo ba hae.

13. Ya ithibang ditsebeha mofutsana a lla,le yena o tla lla,empa a ke ke a mamelwa.

14. Mpho ya lekunutue thethefatsa bohale,tjotjo e kgwaetsweng ka kobong,e kokobetsa kgalefo e tlokomang.

15. Ha ho sebetswa ka tokaba lokileng ba a thaba,athe ba kgopobona ba tlalwa ke tshabo.

16. Ya kgelohang tsela ya kutlwisisopheletso ya haeke ho phomola hara bafu.

17. Ya hlanyetsang menyakao tla fumaneha,ya ratang veine le dimenyemenyeha a ka ke a rua.

Maele 21