Maele 17:4-12 BIBELE (SSO89SO)

4. Ya etsang bokgopoo mamela polelo tsa leshano,ya leshano yenao mamela tsa bokgopo.

5. Ya somang mafutsanao soma Mmopi wa hae,ya thabelang tsietsi tsa e mongyena o tla otlwa.

6. Ditloholwana ke mofapahlooho,mofapahlooho a boraputswe,bana ba ithabaka batswadi ba bona.

7. Sethoto ha se lokelweke puo tsa bokgeleke,puo ya leshano ha e lokele kgosana.

8. Tjotjo ke hakwe la bohlokwa,ke la bohlokwa ho mo-e-fani,e mo atlehisaho tsohle tseo a di etsang.

9. Ya lalang diphoso ka mmeleo qeka ho ratwa,athe ya di pepesangyena o senya setswalle.

10. Ya bohlaleo phakisa ho amohela kgalemo,thoto ha se shapuwa halekgoloha se mamele.

11. Motho ya kgopoo thabela meferefere,ya jwalo o romellwa leqosa,leqosa le sehloho.

12. Ho molemo ho kopanale bere e tshehadi,bere e nketsweng madinyane a yona,ho ena le ho kopanale sethoto se poqangbothotong ba sona.

Maele 17