Maele 16:17-27 BIBELE (SSO89SO)

17. Tsela ya ba lokilenge kgeloha bobe,ya e hlokomelango baballa bophelo ba hae.

18. Boikakaso bo etella timelo pele,boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.

19. Ho molemo ho ikokobetsao le hara mafutsana,ho ena le ho arolelana kgapole baikgohomosi.

20. Ya elang ditaelo hloko o a atleha,ya tshepang Morenao a hlohonolofala.

21. Ya bohlaleho thwe o na le kutlwisiso,polelo tse monate tsonadi a kgodisa,

22. Bohlale ke diba sa bopheloho ya nang le bona,ho ruta dithotoke ho itshenyetsa nako.

23. Ya bohlaleo hlalefiswa ke pelo ya hae,le seo a tla se buao se rutwa ke yona.

24. Polelo tse monatedi ka mahe a dinotshi,moyeng di a hlabosa,di matlafatse mmele.

25. Tsela e teng e bonahalange lokile ho monga yona,empa e qetella ka ho isa lefung.

26. Sekgothadi se a itshebeletsa,se itshebeletsa ka thata,hobane se lakatsa ho ikgotsofatsa.

27. Senokwane se rera bobe,molomong wa sonaho tswa tse tjhesang sa malakabe.

Maele 16