Maele 15:11-19 BIBELE (SSO89SO)

11. Morena o tsebatse ka Nqalong ya Bafu,le tse ka ho ya Timelo o a di tseba,a ka sitwa keng ho tsebamakunutu a batho?

12. Mosomi yena o hloile kgalemo,le ho ba bohlalea ke ke a batla keletso.

13. Pelo ha e thabilesefahleho se kganya kgotso,empa ha e hlomohilemotho o utlwa bohloko.

14. Ya nang le kutlwisisoo labalabela tsebo,athe dithoto tsonadi labalabela bothoto.

15. Ya tshwenngwango phela habohloko ka nako tsohle,ya thabilengyena o keteka kamehla.

16. Sejosenyane se molemoha o tshaba Morena,ho ena le maruoa o bakelang ditsietsi.

17. Ho molemo ho ja morohoo fanwang ka lerato,ho ena le matshufua fanwang ka lehloyo.

18. Motho ya bohale o baka diqabang,ya nang le mamello yena o a di fedisa.

19. Tsela ya sekgobae ririellane meutlwa,athe ya ya lokilengyona e bataletse hantle.

Maele 15