Maele 14:19-28 BIBELE (SSO89SO)

19. Ba kgopo ba kgumamakapela ba lokileng,baetsadibe bonakapela kgoro tsa ba lokileng.

20. Mafutsana a hloilwele ke ba ahisaneng le wona,empa baruiba na le metswalle e mengata.

21. Ya nyedisang ya ahisaneng le yenao etsa sebe,empa ho lehlohonoloya hauhelang mofutsana.

22. Ba rerang bobe ba a lahleha,empa ba rerang botleba fumana mohau le nnete.

23. Mesebetsi yohlee na le moputso wa yona,empa ho beraberahona ho a futsanehisa.

24. Meqhaka ya ba bohlaleke maruo a bona,bothoto ba dithotobona bo tswala bothoto.

25. Paki ya nnete e pholosa batho,athe ya bohata yona e bua leshano.

26. Ya tshabang Morenao na le qhobosheane,bana ba hae ba fumana setshabelo.

27. Ho tshaba Morenake sediba sa bophelo.ya mo tshabango phema maraba a lefu.

28. Tlotla ya kgosike ho busa tjhaba se le sengata,athe kgosanae timela ke ho hloka setjhaba.

Maele 14