Maele 11:20-28 BIBELE (SSO89SO)

20. Morena o hloile ba pelo di kgopo,empa o thabelaba metsamao e lokileng.

21. Ruri ba kgopo ba tla ahlolwa,ba lokileng bona ba pheme kahlolo.

22. Mosadi ya hlokang boitshwaroleha a le motle,o jwaloka sale la kgautankong ya kolobe.

23. Ya lokilengo lakatsa tse molemo,ya kgopo yenao emetswe ke kgalefo.

24. E mong o fana haholo,leruo le mo atele,e mong e be lekgonatha,bofuma bo mo aparele.

25. Ya fanang haholoo tla fumana katleho,ya fanang ka metsile yena o tla a fuwa.

26. Ya hanang ho rekisa korobatho ba a mo rohaka,empa ya ba rekisetsangyena o a hlohonolofala.

27. Ya pheellang tse molemoo tla hauhelwa,ya pheellang bobebo tla mo wela hodimo.

28. Ya tshepang maruo a haeo tla timela,ya lokileng o atlehajwaloka hlaku le letalana.

Maele 11