Luka 9:13-27 BIBELE (SSO89SO)

13. A re ho bona: “Ba fepeng e le lona!”Empa ba re: “Ha re na letho ntle ho dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi feela, haese ha re ka ya rekela batho bana bohle dijo!”

14. E ne e le banna ba ka ba bang kete tse hlano.A re ho barutuwa ba hae: “Ba dudiseng ka dihlopha tsa ba ka bang mashome a mahlano se le seng.”

15. Ba etsa jwalo, ba ba dudisa bohle.

16. Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele.

17. Bohle ba eja, ba kgora, mme ha bokellwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa makumane a setseng.

18. Eitse ha Jesu a ntse a rapela boinotshing, barutuwa ba ena le yena, a ba botsa, a re: “Matshwele a re ke mang?”

19. Ba araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re moporofeta e mong wa ba boholoholo o tsohile bafung.”

20. A re ho bona: “Empa lona le re ke mang?”Petrose a araba, a re: “O Kreste wa Modimo.”

21. A ba laya, mme a ba laela ho se bolelle motho hona,

22. a re: “Eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, a nto tsoha bafung ka letsatsi la boraro.”

23. Jwale a re ho bohle: “Haeba motho a rata ho ntshala morao, a itele, a jare sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntatele.

24. Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya tla lahlehlwa ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo pholosa.

25. Ebe motho a ka boellwa keng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a lahlehelwa ke bophelo ba hae, kapa a timela?

26. Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka le dipolelo tsa ka, Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, ha a etla a le tlotleng ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.

27. Empa kannete ke a le bolella hore ho na le ba bang ba emeng mona, ba ke keng ba latswa lefu, ba eso ka ba bona Mmuso wa Modimo.”

Luka 9