Luka 8:15-34 BIBELE (SSO89SO)

15. Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello.

16. “Ha ho ya hotetsang lebone, a le kwahele ka nkgo, kapa a le bee tlasa bethe, empa o le bea sedulwaneng, hore ba kenang ba tle ba bone lesedi.

17. Ha ho letho le patilweng le ke keng la hlahela, kapa sephiri se ke keng sa tsejwa le ho pepeswa.

18. Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.”

19. Mma Jesu le bana babo Jesu ba tla ho yena, empa ba sitwa ho fihla ho yena ka baka la letshwele.

20. A tsebiswa, ha thwe: “Mmao le bana beno ba eme kantle, ba rata ho o bona.”

21. Empa a ba araba, a re: “Bao e leng mme le bana beso, ke ba utlwang, ba phethang lentswe la Modimo.”

22. Ka le leng la matsatsi ao, a kena ka sekepeng le barutuwa ba hae, mme a re ho bona: “A re tsheleleng kamose wane ho letsha!” Yaba ba a tshela.

23. Ha ba ntse ba tshela, a kgaleha. Sefefo sa theohela letsheng, sekepe sa qala ho tlala metsi, mme ba ba kotsing.

24. Ba atamela, ba mo tsosa, ba re: “Monghadi, monghadi, re a timela!”A tsoha, a kgalemela moya le maqhubu; yaba di a kgaotsa, mme ha eba le kgutso.

25. Yaba o re ho bona: “Tumelo ya lona e ho kae?”Ba tshoha, ba hlollwa, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya laelang le meya le metsi, mme di mo mamele?”

26. Yaba ba tshelela ka sekepe naheng ya Bagerasa, e malebana le Galelea.

27. Yare ha a tswela lebopong, a kgahlanyetswa ke monna e mong ya tswang motseng, ya neng a ena le bademona, e se e le nako e telele a sa apare letho, a sa dule ka tlung, a mpa a dula mabitleng.

28. Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!”

29. Ke hobane Jesu o ne a ile a laela moya o ditshila ho tswa monneng eo. O ne o ye o mo hlasele hangata, a tlangwe ka mahlaahlela le diketane, a lebelwe, empa a kgaole ditlamo tseo, a susumeletswe feelleng ke modemona.

30. Jesu a mmotsa, a re: “Lebitso la hao o mang?”A re: “Ke Lebotho;” kahobane ho ne ho kene bademona ba bangata ka ho yena.

31. Ba mo rapela hore a se ke a ba laela ho ya mohohlong o se nang pheletso.

32. Jwale ho ne ho fula mohlape wa dikolobe tse ngata thabeng; ba rapela Jesu hore a ba dumelle ho kena ka dikolobeng tseo, mme a ba dumella.

33. Bademona ba tswa monneng eo ba kena ka dikolobeng, mme mohlape wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, wa kgangwa ke metsi.

34. Badisa, ha ba bona se etsahetseng, ba baleha, ba ya beha motseng le metsaneng.

Luka 8