Luka 7:33-39 BIBELE (SSO89SO)

33. “Etswe Johanne Mokolobetsi o ile a tla a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: <O na le modemona.>

34. Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: <Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe!>

35. Empa bohlale ba Modimo bo netefatswa ke bohle ba bo neilweng.”

36. E mong wa Bafarisi a memela Jesu ho ja le yena; a kena ka tlung ha Mofarisi eo, a dula, a ja.

37. Ho ne ho ena le mosadi wa moetsadibe motseng oo. Ha a tseba hore Jesu o dijong ka tlung ha Mofarisi eo, a tlisa pitsana e tshetsweng setlolo,

38. a ema kamorao, maotong a Jesu, a ntse a lla, a qala ho mo tshela maoto ka dikgapha, a a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae, a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.

39. Ha Mofarisi ya memileng Jesu a bona hoo, a re ka pelong ya hae: “Enwa hojane ke moporofeta, a ka be a tsebile hore na mosadi eo ya mo amang ke mang, ke ya jwang, hobane ke moetsadibe.”

Luka 7