Luka 7:16-23 BIBELE (SSO89SO)

16. Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.”

17. Yaba taba tsa hae di phatlalla le Judea kaofela le tikolohong yohle.

18. Barutuwa ba Johanne ba mo tsebisa ditaba tseo tsohle. Hoba Johanne a bitse ba babedi ba barutuwa ba hae,

19. a ba roma ho Morena, ho ya re: “Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?”

20. Yare hoba banna bao ba fihle ho yena, ba re: “Johanne Mokolobetsi o re romile ho wena, a re: <Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?> ”

21. Ka nako yona eo o ne a fodisa ba bangata malwetseng, mahlokong le meyeng e mebe, a tutubolla difofu tse ngata.

22. A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo;

23. ho lehlohonolo mang le mang ya sa kgopiseheng ka baka la ka.”

Luka 7