Luka 3:6-10 BIBELE (SSO89SO)

6. mme batho bohle ba tla bonaho pholosa ha Modimo.> ”

7. Jwale a re ho matshwele a tlang ho tla kolobetswa ke yena: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?

8. Behang ditholwana tse lokelang pako he, mme le se ke la qala ho re ka ho lona: <Re na le ntata rona, Aborahama,> hobane ke a le bolella, ke re: Modimo a ka hlahisetsa Aborahama bana le ka majwe ana.

9. Etswe selepe se se se beilwe metsong ya difate; ka baka leo, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.”

10. Matshwele a mmotsa, a re: “Ha ho le jwalo, re etse eng?”

Luka 3