Luka 3:19-24 BIBELE (SSO89SO)

19. Hoba Johanne a kgalemelle kgosi Heroda ho inkela Herodiase, mosadi wa ngwanabo, le ho etsa tsohle tse mpe,

20. Heroda a eketsa ka ho kwalla Johanne tjhankaneng.

21. Ha batho bohle ba kolobeditswe, Jesu le yena a kolobetswa. Ha a ntse a rapela lehodimo la buleha,

22. mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se kang sa leeba; lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”

23. Jesu o ne a ka ba dilemo tse mashome a mararo ha a qala ho ruta. Ha ho lekanngwa, e ne e le mora wa Josefa, mora wa Eli,

24. mora wa Matate, mora wa Levi, mora wa Meleki, mora wa Jannai, mora wa Josefa,

Luka 3