Luka 24:16-21 BIBELE (SSO89SO)

16. empa mahlo a bona a rebeha, ba se ke ba mo tseba.

17. A re ho bona: “Ditaba tseo le tsamayang le buisana ka tsona ke dife?”Ba ema tlekelele! Ba swabile.

18. E mong wa bona, ya bitswang Keleopase, a mo araba, a re: “Na ebe ke wena feela o leng moeti moo Jerusalema, ya sa tsebeng tse etsahetseng teng matsatsing aa?”

19. A re ho bona: “Dife?”Ba re ho yena: “Tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le monna wa moporofeta ya matla diketsong le dithutong pela Modimo le pela setjhaba sohle,

20. kamoo baprista ba baholo le babusi ba rona ba neelaneng ka yena hore a ahlolelwe lefu kateng, ba bileng ba mo thakgisa.

21. Rona re ne re tshepile hore ke yena ya tla lopolla Iseraele. Ntle ho tsena tsohle, lena ke letsatsi la boraro tsena di etsahetse.

Luka 24