Luka 23:40-48 BIBELE (SSO89SO)

40. Empa se seng sa araba, sa se kgalemela, sa re: “Na wena ha o tshabe Modimo, empa le le kahlolong e tshwanang?

41. Rona re hlile re ahlotswe ka toka, hobane re amohela moputso wa diketso tsa rona; athe yena ha a ka a etsa letho le sa lokang.”

42. Sa ba sa re: “Jesu, ako nkgopole ha o etla ka matla a hao a borena.”

43. A re ho sona: “Ruri ke a o bolella, kajeno o tla ba le nna paradeising.”

44. E ne e ka ba hora ya leshome le metso e mmedi motsheare, ha lefifi le aparela naha yohle ho fihlela ka hora ya boraro motsheare wa mantsiboya,

45. letsatsi le ntse le fifetse; yaba lesira la Tempele le taboha ka lehare.

46. Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Ntate, ke bea moya wa ka matsohong a hao.” Hoba a rialo, a neela moya.

47. Yare ha molaodi wa lebotho la ba lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: “Kannete motho enwa o ne a lokile.”

48. Matshwele wohle a neng a phuthehetse ho tla bona, hoba a bone se etsahetseng, a kgutla a swabile haholo.

Luka 23