55. Ha ba se ba besitse mollo hara lebala, mme ba dutse hammoho, Petrose a dula hara bona.
56. Lekgabunyane le leng ha le mmona a dutse mollong, la mo tadimisisa, la re: “Le enwa o ne a ena le yena.”
57. Empa a latola, a re: “Hela mosadi, ha ke mo tsebe!”
58. Ho se hokae e mong a mmona, a re: “Le wena o wa bona.”Petrose a re: “He, monna, ha ke yena!”
59. Ha ho fetile nako e ka bang hora, e mong hape a tiisa, a re: “Kannete le enwa o ne a ena le yena, etswe ke Mogalelea.”
60. Empa Petrose a re: “Hela, monna, ha ke tsebe seo o se bolelang.” Hanghang, a sa bua, mokoko wa lla.
61. Yaba Morena o a reteleha, o tadima Petrose, mme Petrose a hopola polelo ya Morena, kamoo a ileng a re ho yena kateng: “Kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo.”
62. A tswela kantle a lla habohloko.