Luka 22:26-38 BIBELE (SSO89SO)

26. Empa ho lona ho se be jwalo; e moholo hara lona a mpe a be jwaloka e monyenyane, mme ya tsamaisang a be jwaloka ya sebeletsang.

27. Ana e moholo ke ofe: Na ke ya jang kapa ya fepang? Na hase ya jang? Hara lona, nna ke jwaloka ya fepang.

28. Lona le ba ileng ba ema le nna ha ke ne ke lekwa.

29. Jwalokaha Ntate a nkgethetse Mmuso, le nna ke le kgethela wona,

30. hore le je, le nwe tafoleng ya ka Mmusong wa ka. Le tla dula diteroneng le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.

31. “Simone, Simone, bona, Satane o le kopile hore a le hlokole jwaloka koro,

32. empa ke o rapeletse hore o se ke wa fellwa ke tumelo. Jwale wena, ha o se o bakile, o matlafatse bana beno.”

33. Simone a re ho yena: “Morena, ke itokiseditse ho ya le wena tjhankaneng le lefung.”

34. Empa Jesu a re: “Petrose, ke a o bolella hore kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo, o re ha o ntsebe.”

35. Jesu a re ho bona: “Ha ke ne ke le romile le se na sepatjhe, mokotla, le meqathatso, na le ile la haellwa ke letho?”Ba re: “Le letho.”

36. A re ho bona: “Empa jwale, ya nang le sepatjhe a se nke, le wona mokotla ka mokgwa o jwalo. Ya hlokang sabole a rekise seaparo sa hae, a e reke.

37. Ke a le bolella hore se ngotsweng, se reng: <O baleletswe le baetsadibe>, eka kgona se phethahale ho nna, hobane se ngotsweng ka nna se tla phethahala.”

38. Yaba ba re: “Morena, bona, disabole tse pedi ke tsena.”A re ho bona: “Ho lekane.”

Luka 22