20. Ba disa Jesu ka hloko, mme ba roma dihlwela tse iketsang e ka ke batho ba lokileng, hore di tle di mo tshware ka dipuo, di mo neele mmusisi.
21. Tsa mmotsa, tsa re: “Moruti, re a tseba hore seo o se buang le seo o se rutang se nepahetse. Ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete.
22. Na ho a dumelleha hore re ntshetse Sesare lekgetho kapa tjhe?”
23. Empa a lemoha bophokojwe ba bona, a re ho bona:
24. “Mpontsheng tjhelete ya denare. E na le setshwantsho sa mang le mongolo wa mang?”Ba re: “Ke tsa Sesare.”
25. A re ho bona: “Jwale he, neang Sesare seng sa Sesare le Modimo seng sa Modimo.”
26. Ba sitwa ho mo tshwasa ka dipuo pontsheng ya setjhaba, ba makalla karabo ya hae, mme ba kgutsa.
27. Jwale ha tla ba bang ba Basaduke, ba latolang tsoho ya bafu, ba mmotsa,
28. ba re: “Moruti, Moshe o re ngoletse hore: <Ha ngwanabo monna a eshwa a ena le mosadi, a se na bana, ngwanabo mofu a kenele mohlolohadi eo, a tswalle ngwanabo bana.>
29. Ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng, yaba wa pele o a nyala, mme a shwa a se na bana.
30. Wa bobedi,
31. le wa boraro, le bona ba mo kenela; ka mokgwa o jwalo, ka bosupa ba bona ba eshwa ba sa siye bana.
32. Qetellong le yena mosadi a shwa.
33. Ha ho le jwalo, tsohong ya bafu mosadi e tla ba mohatsa ofe ho bona, kaha e bile mohatsa bona ka bosupa ba bona?”
34. Jesu a re ho bona: “Bana ba lefatshe ba a nyalana, ba a nyadiswa,
35. empa ba nang le tokelo ya ho ba le kabelo tsohong ya bafu mehleng e tlang, bona ha ba nyalane, ha ba nyadiswe.
36. Ba ke ke ba hlola ba eshwa hobane ba tshwana le mangeloi. Ke bana ba Modimo hobane ba tsositswe bafung.
37. Ha e le hore bafu ba tla tsoha, le Moshe o ne a ngole ditabeng tsa sehlahla se meutlwa, moo a reng: <Morena ke Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo.>
38. Modimo hase wa bafu, ke Modimo wa ba phelang, hobane bohle ba phela ka yena.”