Luka 13:30-35 BIBELE (SSO89SO)

30. Ke moo ba bang ba ho qetela e tla ba ba pele, le ba bang ba pele e tla ba ba ho qetela.”

31. Ka yona nako eo Bafarisi ba bang ba atamela, ba re ho Jesu: “Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.”

32. A re ho bona: “Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: <Bona, kajeno ke leleka bademona, mme ke a fodisa, le hosasane ke tla etsa jwalo, empa ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile.>

33. Leha ho le jwalo, eka kgona ke tsamaye kajeno, le hosasane le kamoso, hobane ho ke ke ha etsahala hore moporofeta a bolaelwe kantle ho Jerusalema.

34. “Jerusalema, Jerusalema, wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba romilweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa wa ikganela!

35. Bonang, ntlo ya lona a sala e le dithako. Ha le ka ke la mpona ho fihlela le re: <Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!> ”

Luka 13