Luka 11:24-31 BIBELE (SSO89SO)

24. “Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o solla mahwatateng, o batla phomolo, empa ha o sa e fumane, o re: <Ke tla kgutlela tlung ya ka moo ke tswileng teng.>

25. Jwale ha o fihla, o e fumana e fietswe, e kgabisitswe;

26. ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele.”

27. Eitse ha Jesu a bolela taba tseo, mosadi e mong hara letshwele a phahamisa lentswe, a re ho yena: “Ho lehlohonolo popelo e ileng ya o emola le matswele ao o ileng wa a anya!”

28. Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”

29. Yare ha matshwele a subuhlellana, Jesu a re: “Moloko ona ke moloko o kgopo; o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sesupo sa Jonase.

30. Jwalokaha Jonase e ile ya eba sesupo ho ba Ninife, Mora Motho le yena o tla ba jwalo ho moloko ona.

31. Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose batho ba moloko ona, a ba ahlole, hobane o ne a tlohe dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ho fetang Solomone.

Luka 11