10. Mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, ya kokotang o a bulelwa.
11. “Ana ke ntate ofe ho lona, eo ekareng ha mora wa hae a kopa tlhapi, ebe o mo nea noha bakeng sa tlhapi?
12. Kapa haeba a kopa lehe, ebe o mo nea phepheng na?
13. Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!”
14. Jesu o ne a leleka modemona o semumu; yare hoba modemona o tswe, semumu sa bua. Matshwele a makala,
15. empa ba bang ho bona ba re: “O leleka bademona ka Beele-Sebule, morena wa bademona.”
16. Ba bang bona ba mo kopa mohlolo o tswang lehodimong, ka ho mo leka.
17. Empa ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, le lelapa le ikarolang ho itwantsha, le tla wa.
18. Haeba le Satane a ne a arohane ho itwantsha, mmuso wa hae o ne o tla tiya jwang? Etswe le re, ke leleka bademona ka Beele-Sebule.
19. Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona, ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona.