58. Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.
59. Ka letsatsi la borobedi, ba tla bolotsa ngwana, mme ba re ba mo reella ntatae, Sakariya.
60. Empa mmae a araba, a re: “Tjhe, o tla bitswa Johanne.”
61. Ba re ho yena: “Ha ho le ya mong ho bang ka wena ya bitswang ka lebitso lena.”
62. Ba lekanyetsa ntatae, ba mmotsa hore na ekaba o rata ha ngwana a bitswa mang.
63. Hoba a kope letlapa, a ngola, a re: “Lebitso la hae ke Johanne.” Bohle ba makala.
64. Jwale hanghang molomo wa hae wa buleha, leleme la hae la raroloha, mme a bua, a boka Modimo.
65. Tshabo ya wela bohle ba ahisaneng le yena, mme ditaba tseo kaofela tsa buuwa naheng yohle e maloti, ya Judea,
66. bohle ba di utlwang ba di boloka pelong tsa bona, ba re: “Ekaba ngwana eo e tla ba eng?” Letsoho la Morena le ne le fela le ena le yena.
67. Ntatae Sakariya a tlala Moya o Halalelang, a porofeta, a re:
68. “Ho bokwe Morena,Modimo wa Iseraele,hobane o etetse setjhaba sa hae,a se lopolla.
69. O re hlahiseditse Mopholosiya matla tlung ya Davida,mohlanka wa hae,
70. jwalokaha a ne a boleleka molomo wa baporofetaba hae ba halalelang,ho tloha kgalekgale.
71. O ne a re o tla re pholosadireng tsa rona,le matsohong a bohleba re hloileng;
72. a etsetse bo-ntata rona mohau,a hopole selekane sa haese halalelang,
73. e leng kanoeo a neng a e hlapanyetsentata rona Aborahama,ya hore re newe
74. ho mo sebeletsa re se na tshabo,re namoletswe matsohonga dira tsa rona,
75. re halalela, mme re lokile pela haeka matsatsi wohlea ho phela ha rona.