44. Bona, ha lentswe la hao la tumediso le fihla ditsebeng tsa ka, lesea le ile la tlola ke nyakallo ka popelong ya ka.
45. Ho lehlohonolo wena ya dumetseng, hobane ditaba tseo o di boleletsweng ke Morena di tla phethahala.”
46. Yaba Maria o re:
47. “Pelo ya ka e tlotlisa Morena,moya wa ka o nyakalletse Modimo,Mopholosi wa ka;
48. hobane o ile a tadimaho eiseha ha lekgabunyane la hae.Bonang, ho tloha jwalemeloko yohle e tla renna ke lehlohonolo,
49. hobane Ya Matlao nketseditse tse kgolo,lebitso la hae le a halalela;
50. ka mengwaha le mengwahao mohau ho ba mo tshabang.
51. O entse tse matla ka tsoho la hae,a qhalanya baikgohomosile mehopolo ya bona;
52. a theola babusi diteroneng,a phahamisa ba eisehang,