Kodi-Ya-Malla 3:31-38 BIBELE (SSO89SO)

31. Morena ha a ke be a lahle batho,ha a ke a ba lahlela molahlelaruri!

32. Leha a tlisa maswabi,o utlwela bohloko,ka baka la boholoba mehauhelo ya hae.

33. Hase hore ho hlokofatsa bathoo a ho thabela,kapa hona ho ba tlisetsa maswabi.

34. Ho hatakela batshwaruwa ka leoto,batshwaruwa bohleba teng lefatsheng;

35. ho hanela motho ka tokelo tsa hae,ha motho a le kapelaYa Hodimodimo;

36. ho sokamisa toka ka makgotleng,na tsee tsohle Morena ha a di bone?

37. Ya ka bolelang ntho,ya etsahala, ke mang,haeba ntho eoe sa laolwa ke Morena?

38. Na tse bohloko le tsona tse monateha di tswe ho Ya Hodimodimo?

Kodi-Ya-Malla 3