Kodi-Ya-Malla 2:12-18 BIBELE (SSO89SO)

12. Bana ba llela bo-mma bona,ba re: “Dijo di hokae,dino tsona di hokae?”Ba rialo ba akgehasa batho ba mahlatsipa,ba akgehaba le diterateng tsa motse,bophelo ba bonabo fela kahanyane,bo fela bo-mma bonaba ba sikile ka matsoho.

13. Ke ntho efeeo nka o pakelang ka yona?Ke ntho efeeo nka o tshwantshang le yona?Ka o tshwantsha le yona,wena Jerusalema?Nka o lekanya le eng,ke tle ke o tshedise?Ke tshedise wena,Moradi wa Sione,Moradi wa Sione wa morwetsana?Botebo ba leqeba la haobo ka ba lewatle!Ke mang ya ka tsebangho o phekola?

14. Dipono tse bonwengke baporofeta ba haoe ne e le tsa leshano,tse se nang thuso;ha ba a ka ba o senolelasebe sa hao,hore ba o fapose bothopuwa ba hao.Ba ile ba o bolelladipono tsa bohata,dipono tse ileng tsa o thetsa,tsa o kgelosa.

15. Bo-mofeta-ka-tsela ba opa diatla,ba opa diatla ha ba o bona;ba letsa molodi,dihlooho ba a di thukutha,ba soma Moradi wa Jerusalema,ba re: “Na motse ooke wona o no le motlemotle,o no thabisa lefatshe lohle?”

16. Dira tsa haodi o bebenyetsa melomo,di a o soma,di o tsikitlanyetsa meno,di re: “Re timeditse Jerusalema!Lena ke lona tsatsileo esale re le emela,le fihlile, re bile re le bone!”

17. Morena o entseseo a neng a se rerile,polelo tsa haeo di phethahaditse,polelo tse neng di bolelwemehleng ya kgale;o o timeditse a se na mohau,a etsa hore o tlakweke dira tsa hao,ba o lwantshang a ba matlafatsa.

18. Pelo tsa setjhabadi ipiletsa ho Morena,wena Jerusalema, Moradi wa Sione,keledi tsa haoa di ke di phalle jwaloka noka,di phalle motsheare,di phalle le bosiu;o se ke wa ipha sebakasa ho phomola,mahlo a haole wona a se ke a phomola.

Kodi-Ya-Malla 2