22. Joshua a bitsa Bagibeone, a bua le bona, a re: “Ke hobaneng le ileng la re thetsa, la re le tswa hole, empa le ntse le ahelane le rona?
23. Ka baka lena he, le rohakehile, mme ha le ka ke la phetsa ho ba makgoba a rwallelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, a e kgellang metsi.”
24. Ba araba Joshua, ba re: “Bahlanka ba hao ba ile ba bolellwa kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a laela Moshe, mohlanka wa hae, hore a le nee naha ena yohle, mme le bolaye baahi ba yona ba kapele ho lona. Ka baka leo, re ile ra tshaba hore le tla re bolaya, mme ke ka hona re entseng hona.
25. Bona mona, re matsohong a hao, seo o bonang hore se lokile, wena o re etse sona.”
26. Joshua a etsa jwalo, a ba lopolla matsohong a bana ba Iseraele, mme bona ba se ke ba ba bolaya.