Joshua 8:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a re ho Joshua: “Se tshabe, mme o se ke wa nyahama pelo. Nka bahlabani bohle, o ye motseng wa Ai. Bona, ke neelane ka kgosi ya Ai matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le naha ya hae.

2. O etse Ai le kgosi ya yona jwalokaha o ile wa etsa Jeriko le kgosi ya yona. Le tla inkela feela thepa ya yona, le diphoofolo tsa yona, e le kgapo ya lona. Bahlabani ba lalle kamorao ho motse.”

3. Yaba Joshua o tsamaya jwalo, a ena le bahlabani bohle, o ya Ai. Joshua a kgetha mokgetho wa dinatla tsa bahale ba dikete tse mashome a mararo, mme ba futuha hara bosiu.

4. A ba laela, a re: “Bonang mona, le tla lalla kamorao ho motse. Feela le se ke la ba hole le motse, empa bohle le be malalaalaotswe.

5. Nna, le banna bohle bao ke nang le bona, re tla leba motseng. Etlare ha ba etswa ho re kgahlanyetsa, jwalokaha ba ile ba etsa ka lekgetlo la pele, ebe re a ba baleha.

6. Ba tla re phaladisa ho fihlela re ba hulela thoko le motse, hobane ba tla re: <Batho bana ba re baleha jwalokaha ba ile ba etsa ka lekgetlo la pele,> mme rona re tla fela re ba balehe.

7. Jwale lona le tla tswa moo le ipatileng teng, le hape motse. Morena Modimo wa lona, o tla neelana ka wona matsohong a lona.

Joshua 8