18. Morena ke yena ya ileng a falatsa ditjhaba tsohle tse neng di le kapele ho rona, le Baamore ba neng ba ahile naheng ena. Ka baka leo, le rona re tla sebeletsa Morena, hobane ke yena Modimo wa rona.”
19. Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona.
20. Haeba le ka furalla Morena, la sebeletsa medimo esele, o tla le fetohela, a le etse hampe, a le timetse, le hoja a kile a le etsa hantle.”
21. Setjhaba sa re ho Joshua: “Tjhe, re tla sebeletsa Morena.”
22. Joshua a boela a re ho setjhaba: “Lona, ka bolona, le a ipakela hore le ikgethetse ho sebeletsa Morena!”Sa re: “E, re dipaki!”
23. Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.”
24. Setjhaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Morena Modimo wa rona, mme re tla mamela lentswe la hae.”
25. Ka lona letsatsi leo Joshua a etsa selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo a le Shekeme.