14. “Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala.
15. Jwalokaha dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a neng a le tshepisitse tsona, di ile tsa phethahala, ka mokgwa o jwalo Morena o tla le tlisetsa tsohle tse mpe, ho fihlela a le timetsa naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.
16. Haeba le roba selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a le laetseng sona, eba le a tsamaya le ilo sebeletsa medimo e meng, le a e kgumamela, bohale ba Morena bo tla le tlokomela, mme le tla timela ka ho panya ha ntshi naheng ena e ntle, eo a le neileng yona.”