5. Bana ba Kohate ba setseng ba abelwa ka lotho metse e leshome, e tswang malapeng a morabe wa Efraime, le a morabe wa Dane, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.
6. Naheng ya Bashane bana ba Gereshone ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang malapeng a morabe wa Isakare, le a morabe wa Ashere, le a morabe wa Nafthali, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.
7. Bana ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, ba abelwa metse e leshome le metso e mmedi, e tswang ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho ba morabe wa Sebulone.
8. Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona ka lotho, jwalokaha Morena a ne a laetse ka molomo wa Moshe.
9. Metseng ya morabe wa bana ba Juda, le metseng ya morabe wa bana ba Simeone, Balevi ba abelwa metse ena, e bolelwang ka mabitso.
10. E ne e le ditloholo tsa Arone, tsa malapa a Kohate, tseo e neng e le bana ba Levi, hobane lotho la pele e ne e le la bona.
11. Ba ba nea Motse wa Areba o naheng e maralla ya Juda, e leng Heborone, le makgulo a yona a e potapotileng. Areba e ne e le ntata Anake.
12. Empa masimo a motse oo, le metsana ya wona, wona ba a abela Kalebe, mora wa Jefune, hore e be a hae.
13. Bara ba moprista Arone ba newa motse wa Heborone, oo babolai ba tshabelang ho wona, hore e be wa bona hammoho le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona,
14. le Jatire le makgulo a yona, le Eshetemoa le makgulo a yona,
15. le Holone le makgulo a yona, le Debiri le magkulo a yona,
16. le Aine le makgulo a yona, le Juta le makgulo a yona, le Bete-Shemeshe le makgulo a yona. Ya eba metse e robong, e tswang merabeng eo e mmedi.