29. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Makeda, a ya Lebena, mme a futuhela motse wa Lebena.
30. Le wona motse ona Morena a neelana ka wona matsohong a bana ba Iseraele. A neelana le ka kgosi ya wona. Joshua a bolaya kgosi eo, le batho bohle ba phelang motseng oo, ka sabole, mme a se ke a siya le ya mong. Kgosi ya teng a e etsa jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.
31. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Lebena, a ya Lakishe, a etsetsa motse oo thibella, a o futuhela.
32. Morena a neelana ka motse oo wa Lakishe matsohong a bana ba Iseraele. Ka letsatsi la bobedi a o hapa, a bolaya batho bohle, ba neng ba phela motseng oo, ka sabole, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Lebena.
33. Jwale Horame, kgosi ya Gesere, a phalla ho tla thusa motse wa Lakishe. Joshua a mmolaya le setjhaba sa hae, a se ke a siya le ya mong.
34. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Lakishe, a ya Egelone, a etsetsa motse oo thibella, a o futuhela.
35. Ka lona letsatsi leo ba o hapa, ba bolaya batho bohle ba neng ba phela ho wona, ka sabole. Batho bohle ba neng ba phela motseng oo a ba timetsa ho hang ka lona letsatsi leo, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Lakishe.
36. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Egelone, a ya Heborone, mme ba futuhela motse oo.
37. Ba o hapa, ba bolaya batho ba neng ba phela ho wona, ka sabole, ba ba bolaya le kgosi ya teng. Ba hapa le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho bohle ba neng ba phela ho yona. A se ke a siya le ya mong, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Egelone. A o timetsa ho hang le batho ba neng ba phela ho wona.