Joshua 10:23-30 BIBELE (SSO89SO)

23. Ba etsa jwalo. Ba ntsha dikgosi tseo tse hlano ka lehaheng, ba di tlisa ho yena, e le kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgotsi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone.

24. Yare ha ba tlisa dikgosi tsena ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Baiseraele, a re ho baokamedi ba bahlabani ba neng ba ile le yena: “Tloong, le tlo hata dikgosi tsena melaleng.” Ba tla, ba hata dikgosi tseo melaleng.

25. Joshua a re ho bona: “Le se ke la tshaba kapa la tsieleha. Le be matla, le be sebete haholo, hobane dira tsa lona tsohle, tseo le di lwantshang, Morena o tla di etsa tjena.”

26. Kamora tsena Joshua a otla dikgosi tseo, a di bolaya, a di leketlisa difateng tse hlano. Ditopo tsa tsona tsa leketla difateng moo ho fihlela mantsiboya.

27. Ha letsatsi le dikela, Joshua a laela hore ba theole ditopo tseo difateng. Ba di akgela ka lehaheng leo dikgosi di neng di ipatile ka ho lona. Ba bea majwe a matonana molomong wa lehaha leo, mme majwe ao a ntse a le teng le kajeno-ya-bokajeno.

28. Ka lona letsatsi leo Joshua a hapa motse wa Makeda, mme a bolaya kgosi ya wona ka sabole, a timetsa ho hang bohle ba neng ba phela motseng oo, a se ka a siya le ya mong. A etsa kgosi ya Makeda jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.

29. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Makeda, a ya Lebena, mme a futuhela motse wa Lebena.

30. Le wona motse ona Morena a neelana ka wona matsohong a bana ba Iseraele. A neelana le ka kgosi ya wona. Joshua a bolaya kgosi eo, le batho bohle ba phelang motseng oo, ka sabole, mme a se ke a siya le ya mong. Kgosi ya teng a e etsa jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.

Joshua 10