Joshua 1:7-13 BIBELE (SSO89SO)

7. Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng.

8. Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.

9. Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”

10. Joshua a laela baokamedi ba setjhaba, a re:

11. “Tsamayang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: <Ipheheleng mofao, hobane kamora matsatsi a mararo le tla tshela noka ena ya Jorodane, ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona.> ”

12. Joshua a bua ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase, a re:

13. “Hopolang lentswe leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a le laele lona, a re: <Morena Modimo wa lona, o tla le phomotsa, a le nee naha ena.>

Joshua 1