Jonase 2:4-8 BIBELE (SSO89SO)

4. Ka re: <O ntahletse hole le wena,empa ke tla boela ke bone,ke bone Tempele ya hao,Tempele e halalelang.>

5. Ke fihlile kweetseng,metsi a nkgamme,lewatle le mpotapotile kahohle,bolele bo rareditse hlooho ya ka.

6. Ke ne ke tebile,ke le tlase ho dithaba,mekwallo ya Nqalo ya Bafue nkwalletse ruri;empa wena Morena Modimo wa ka,o mpholositse Nqalong eo ya Bafu.

7. “Ha ke ne ke le makgatheng,makgatheng a ho shwa,ke ile ka o hopola, wena Morena,thapelo ya ka ya finyella ho wena,ka Tempeleng ya hao e halalelang.

8. “Ba kgumamelangmedingwana ya bohata,ba furalla sediba sa bona sa mohau.

Jonase 2