Johanne 8:4-9 BIBELE (SSO89SO)

4. ba re ho Jesu: “Moruti, mosadi enwa o tshwerwe a ntse a feba.

5. Molaong Moshe o laetse hore ba jwalo re ba tlepetse ka majwe; wena o reng?”

6. Ba ile ba rialo ka ho mo leka, hore ba be le seo ba ka mo qosang ka sona.Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana.

7. Ha ba ntse ba phehelletse ho mmotsa, a inamoloha, a re ho bona: “Ya se nang sebe ho lona, a mmetse pele ka lejwe!”

8. A inama hape, a ngola fatshe.

9. Ha ba utlwa, ba tswa ka bonngwe ho qala ka ba baholo, mme ba mo siya a le mong, mosadi a ntse a le moo.

Johanne 8