43. Jesu a ba araba, a re: “Se dumadumeng.
44. Ha ho ya ka tlang ho nna, haese ha Ntate ya nthomileng a ka mo hohela, mme nna ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.
45. Ho ngotswe ho Baporofeta, ho thwe: <Bohle ba tla rutwa ke Modimo.> E mong le e mong ya utlwileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho nna.
46. E seng hore motho o teng ya boneng Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate.
47. Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang o na le bophelo bo sa feleng.
48. Ke nna bohobe ba bophelo.
49. Bo-ntata lona ba ile ba eja manna feelleng, empa ba eshwa.
50. Bona ke bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa.
51. Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”
52. Bajuda ba qabana, ba re: “Eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja?”
53. Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, ha le sa je nama ya Mora Motho, le sa nwe madi a hae, ha le na bophelo ka ho lona.
54. Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.
55. Nama ya ka ke sejo sa nnete, le madi a ka ke seno sa nnete.
56. Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o dula ka ho nna, le nna ka ho yena.