Johanne 16:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. “Tsena ke di buile ho lona hore le se ke la kweneha.

2. Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.

3. Tsena tsohle ba tla di etsa hobane ba sa ka ba tseba Ntate leha e le nna.

4. Empa ke le boleletse tsena, hore ha nako ya tsona e fihla, le hopole hore ke le boleletse tsona.“Ha ke a ka ka le bolella tsena ho tloha qalong, hobane ke ne ke ena le lona.

5. “Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho le ya mong wa lona ya mpotsang, a re: <O ya kae?>

Johanne 16