10. Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.
11. “Ke buile ditaba tsena ho lona hore thabo ya ka e be ka ho lona, mme thabo ya lona e be e phethehileng.
12. Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile.
13. Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.
14. Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.
15. Ha ke sa le bitsa bahlanka, hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang, empa lona ke le bitsitse metswalle, hobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.
16. Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.
17. Seo ke le laelang sona, ke hore le ratane.
18. “Ha lefatshe le le hloya, tsebang hore le ile la ntlhoya pele ho lona.
19. Ha le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le ratile seo e leng sa lona, empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile ho ba lefatsheng, lefatshe le le hloile ke hona.
20. Hopolang polelo eo ke le boleletseng yona: <Mohlanka ha a moholo ho monga hae.> Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, le la lona ba tla le boloka.