Johanne 11:3-16 BIBELE (SSO89SO)

3. Jwale bo-kgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: “Morena, tseba, eo o mo ratang o a kula.”

4. Yare ha Jesu a utlwa, a re: “Ho kula hona ha ho ise lefung, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.”

5. Jesu o ne a rata Maretha, le Maria, ngwanabo, le Lasaro.

6. Ha a utlwa hore o a kula, a hlola matsatsi a mabedi sebakeng seo a neng a le ho sona.

7. Kamorao ho moo, a re ho barutuwa ba hae: “A re yeng Judea hape.”

8. Barutuwa ba re ho yena: “Rabbi, Bajuda ba sa tswa batla ba o tlepetsa ka majwe; na o sa ya teng hape?”

9. Jesu a araba, a re: “Na hora tsa letsatsi ha di leshome le metso e mmedi na? Ha motho a tsamaya motsheare, ha a kgoptjwe, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena,

10. empa ha motho a tsamaya bosiu o a kgoptjwa, kahobane o hloka lesedi.”

11. A bolela ditaba tsena, mme kamorao ho moo a re ho bona: “Lasaro, motswalle wa rona, o robetse, empa ke a ya, hore ke tle ke mo tsose.”

12. Yaba barutuwa ba re ho yena: “Morena, ha a robetse, o tla fola.”

13. Jesu o ne a bua ka ho shwa ha Lasaro, empa bona ba hopola hore o bua ka boroko ba mehla.

14. Ya eba moo Jesu a ba bolellang phatlalatsa, a re: “Lasaro o shwele,

15. mme ka baka la lona ke thabela hore ebe ke ne ke le siyo, le tle le dumele, empa a re yeng ho yena.”

16. Jwale Thomase, ya bitswang Lefahla, a re ho barutuwa ba bang: “Le rona a re yeng, re tle re shwe le yena.”

Johanne 11