5. Osele ha di ka ke tsa mo latela, empa di tla mmaleha, hobane ha di tsebe lentswe la basele.”
6. Jesu o ile a ba bolella papiso ena, empa bona ha ba a ka ba utlwisisa hore na tseo a di buang ho bona ke dife.
7. Jwale Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella hore ke nna monyako wa dinku.
8. Bohle ba tlileng pele ho nna ke mashodu le dinokwane, mme dinku ha di a ka tsa ba utlwa.
9. Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.
10. Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.
11. “Ke nna modisa ya molemo. Modisa ya molemo o tella dinku tsa hae bophelo ba hae.
12. Mohlanka, eo e seng modisa le monga dinku ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, a balehe, mme phiri e di tshware, e di qhalanye;