Johanne 10:18-35 BIBELE (SSO89SO)

18. Ha ho ya nkamohang bona, empa ke bo tela ka ho rata. Ke na le tokelo ya ho bo tela, ke na le tokelo ya ho bo fumana hape; taelo ena ke e amohetse ho Ntate.”

19. Karohano ya eba teng hape hara Bajuda ka baka la mantswe ana.

20. Ba bangata ba re: “O na le modemona, o a hlanya; keng ha le mo mamela?”

21. Ba bang ba re: “Mantswe ana hase a motho ya nang le modemona; na modemona o ka tutubolla difofu mahlo?”

22. Jwale mokete wa ho kgethela Modimo Tempele, wa eba teng Jerusalema. E ne e le mariha,

23. mme Jesu o ne a tsamaya ka Tempeleng mathuleng a Solomone.

24. Bajuda ba mo teela hare, mme ba re ho yena: “O tla re dikadikisa ho fihlela neneng? Ha o le Kreste, re bolelle phatlalatsa.”

25. Jesu a ba araba, a re: “Ke le boleletse, mme ha le dumele; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ke yona e mpakang,

26. empa ha le dumele, hobane ha le ba mohlape wa ka.

27. Dinku tsa ka di utlwa lentswe le ka, ke a di tseba, mme di a ntatela.

28. Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka.

29. Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle, mme ha ho ya ka tsebang ho di hlwibila matsohong a Ntate.

30. Rona le Ntate re ntho e le nngwe.”

31. Bajuda ba boela ba thonaka majwe ho mo tlepetsa.

32. Jesu a re ho bona: “Ke le bontshitse mesebetsi e mengata, e molemo, e tswang ho Ntate; le ntlepeletsa mosebetsi ofe wa yona?”

33. Bajuda ba araba, ba re: “Ha re o tlepeletse mosebetsi o molemo, empa re o tlepeletsa nyefolo, le kahobane ere o le motho, o iketsa Modimo.”

34. Jesu a araba, a re: “Na ha ho a ngolwa Molaong wa lona, ha thwe: <Ke itse, le medimo.>

35. Bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, Molao o ba bitsa medimo, mme Mangolo ha a ka ke a etsollwa.

Johanne 10