39. A re ho bona: “Tloong, le bone.”Ba ya, ba bona moo a dulang teng, mme ba hlola le yena letsatsi leo; e ne e ka ba hora ya bone mantsiboya.
40. Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi ba utlwileng Johanne, ba latetseng Jesu.
41. Andrease a qala ka ho batla ngwanabo, Simone, a re ho yena: “Re fumane Mesia,” ke ho re: Kreste.
42. A mo isa ho Jesu. Jesu a mo tadima, a re: “O Simone, mora Johanne; o tla bitswa Kefase,” ke ho re: Petrose.
43. Ka la hosasane Jesu a rera ho ya Galelea, mme a fumana Filipi. A re ho yena: “Ntatele!”
44. Filipi e ne e le wa Bethesaida, e leng motse wa habo Andrease le Petrose.