33. Ha ke a ka ka mo tseba, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho nna: <Eo o bonang Moya o theohela, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.>
34. Ke bone, mme ke a paka hore ke yena Mora wa Modimo.”
35. Ka la hosasane hape, Johanne o ne a eme le barutuwa ba hae ba babedi.
36. Yare ha a bona Jesu a feta, a re: “Bonang Konyana ya Modimo!”
37. Barutuwa ba hae ba babedi ba utlwa ha a bua, mme ba latela Jesu.
38. Jesu ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latetse, a re ho bona: “Le batlang?”Ba re ho yena: “Rabbi,” ke ho re: Moruti: “o dula kae?”