26. Lona le tla jale be le di shebe feela,le nto bokaMorena Modimo wa lona,yena ya le etseditseng tse kgolo.Tjhaba sa ka se ke kesa hlola se tlontloloha!
27. Le tla tsebahore ke na le Baiseraele,le hore nna Morenake Modimo wa lona,ebile ha ho modimo e mong;tjhaba sa ka se ke kesa hlola se tlontloloha!”
28. “Etlare hoba tsena di phethahale,ke theolele Moya wa kahodima batho bohle;bara le baradi ba lonaba tla porofeta,bannabaholo ba lonaba tla lora ditoro,bahlankana ba lonaba tla bona dipono.
29. Le hodima bahlanka ba kale makgabunyane a kake tla theolela Moya wa kamatsatsing ao.
30. Ke tla etsa dimakatsohodimo, lehodimong,le mehlolo fatshe, lefatsheng:madi, le mollo, le mouwane wa mosi.
31. Letsatsi le tla fifala,kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi,pele letsatsi le leholo la Morena,le kgethehileng, le fihla.
32. Mang le mang ya tla rapela Morenao tla pholoswa,hobane Thabeng ya Sione,motseng wa Jerusalema,pholoho e tla ba teng,jwalokaha Morena a boletse,bakeng sa masallaao Morena a a bitsang.